2 Dikronike 36:21 - BIBELE21 E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.