Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:7 - BIBELE

7 Josiya a nea setjhaba mehlape ya dikonyana le ya dipotsanyane e etsang dikete tse mashome a mararo, le dipohwana tse dikete tse tharo tse tswang mehlapeng ya kgosi. E ne e le nyehelo ya Paseka, ya bohle ba neng ba le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:7
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena.


Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.


Kgosi ya fana ka seabo sa yona, se tswang mehlapeng ya yona, bakeng sa ho etsa dinyehelo; e leng nyehelo ya setjheso ya hoseng le ya mantsiboya, le bakeng sa ho etsa nyehelo ya setjheso ya Sabatha, le ya ho thwasa ha kgwedi, le ya mekete e kgethehileng, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena.


Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”


Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


ba ngatafale jwaloka mehlape ya dinku eo ho nyehelwang ka yona Jerusalema, mohla mekete e halalelang. Ka mokgwa o jwalo metse e fetohileng masupi e tla tlala matshweletshwele a batho, mme ba tsebe hore ke nna Morena.”


Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ