Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:25 - BIBELE

25 Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jeremia a etsa pina ya malla hodima Josiase; le tsona dibini tsa banna le tsa basadi di nnile tsa bolela tsa Josiase dipineng tsa tsona tsa dillo ho fihlela kajeno, tsa etsa dipina tsena mokgwa o tiileng Iseraeleng. Bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya kodi ya malla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:25
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane.


Kgosi ya llela Abinere, ya re: “Abinere, o shweletseng jwaloka tseketseke?


Diketso tse ding tsa Josiya le tsa borapedi ba hae, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng Molaong wa Morena;


ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi.


Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:


Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae.


“Nyolohela Lebanone, o yo howa hona teng, o meketse, ntswe la hao le yo utlwahala Bashane, o meketse haholo o le thabeng tsa Abarime, hoba baratuwa ba hao bohle ba timeditswe.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


“Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.”


Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena: “Ho tla utlwahala diboko ditseleng kahohle, le dillo tsa mahlomola mabaleng wohle a motse. Balemi ba tla memelwa ho tla lla, ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle.


Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,


Kamora dikgwedi tse pedi a kgutlela ho ntatae, mme ka yena ntatae a phetha kano eo a e etseditseng Morena, moradi wa hae a shwa e ntse e le morwetsana. Hona ya eba moetlo wa Baiseraele,


wa hore ka selemo se seng le se seng barwetsana ba Baiseraele ba yo llela moradi wa Jafeta wa Mogileade ka matsatsi a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ