Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:24 - BIBELE

24 Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Bahlanka ba hae ba mo tlosa koloing, ba mo kenya koloing ya hae ya bobedi, mme ba mo isa Jerusalema. A shwa, a patwa mabitleng a bontatae, mme Bajuda le ba Jerusalema kaofela ba mo llela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:24
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!” Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.


Bahlanka ba hae ba nka setopo sa hae Megido, ka kariki ya ntwa, ba se isa Jerusalema, ba se epela lebitleng la hae. Setjhaba sa naha eo sa tlotsa Jehowakase, mora wa hae, sa mmea hore e be kgosi, a hlahlame ntatae.


Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ka baka leo, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena le baahi ba sona.’ ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.


Ba diqha ba fula kgosi Josiya, mme kgosi ya re ho bahlanka ba yona: “Ntloseng, hobane ke tswile kotsi e mpe!”


Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung,


Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela.


Mohla tsatsi leo, sello sa Jerusalema e tla ba sa mmokotsane, se tshwane le sa mohla ho neng ho llelwa Hadade-Rimone, phuleng ya Megido.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ