Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:21 - BIBELE

21 Empa Neko a romela maqosa ho Josiya, a re: “Taba ya ka le wena ke efe, wena kgosi ya Juda? Kajeno ha ke futuhele wena, empa ke futuhela lelapa leo ke lwantshanang le lona hobane Modimo o ntaetse hore ke potlake. Tlohela ho nna o kenakenana le Modimo, ya ka lehlakoreng la ka, esere a o timetsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Neko a mo romela manqosa, a re: Ke na le taba efe le wena, morena wa Juda? Ha ke futuhele wena kajeno, ke mpa ke futuhela ntlo eo ke lwanang le yona; Modimo o itse, ke phakise. Lesa, wena, ho hanela Modimo o nang le nna, esere wa o timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:21
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: ‘Hlapaola Davida!’ Jwale ke mang ya ka reng ho yena: ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’ ”


Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: Futuhela naha ena, o e timetse!’ ”


O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”


Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.


Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: “Futuhela naha ena o e timetse!” ’ ”


Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”


Jesu a re ho yena: “Mme, hoo ho re ama kang, rona le wena? Nako ya ka ha e eso fihle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ