Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:2 - BIBELE

2 A busetsa baprista ditulong tsa bona, a ba kgothaletsa tshebeletso ya Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A bea baprista dihlopheng tsa bona, a ba natlafaletsa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:2
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ineeleng ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona, le ka meya ya lona. Emang ke hona, le hahe Sehalalelo sa Morena Modimo, e le hore areka ya selekane sa Morena, le dintho tse halalelang tsa Modimo, di tle di tliswe ka Tempeleng e tla hahelwa Morena.”


Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela.


Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.


Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.


Ba hlophisa baprista ho ya ka dihlopha tsa bona, le Balevi ho ya ka mesebetsi ya bona, bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe.


Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ