2 Dikronike 35:15 - BIBELE15 Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)15 Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kamora moo, ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, hobane baprista, e leng ditloholo tsa Arone, ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo tsa setjheso, le tsa mafura, ho fihlela e eba bosiu. Ka baka leo, Balevi ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, e leng ditloholo tsa Arone.
Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.