2 Dikronike 35:14 - BIBELE14 Kamora moo, ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, hobane baprista, e leng ditloholo tsa Arone, ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo tsa setjheso, le tsa mafura, ho fihlela e eba bosiu. Ka baka leo, Balevi ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, e leng ditloholo tsa Arone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 Yaba ba lokisa tsa bona, ba lokisetsa le baprista; hobane baprista, bara ba Aarone, ba nnile ba tshwareha ho fihlela bosiu, ba ntse ba hlahisa ditjheso le mafura a tsona; ka baka leo, Balevi ba itokisetsa tsa bona ba lokisetsa le baprista, bara ba Aarone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.