Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:12 - BIBELE

12 Ba bea dinyehelo tsa setjheso kathoko, e le hore ba tle ba di abe ho ya ka dihlopha tsa malapa a setjhaba, le sona se tle se nyehelle Morena, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe. Ba etsa jwalo le ka dipohwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba kgetha dinama tsa ditjheso ba tle ba di nee bana ba setjhaba, ka ho ya ka makala a matlo a bontata bona, hore ba di hlahisetse Jehova, kamoo ho ngodilweng bukeng ya Moshe kateng; ba etsa jwalo le ka dikgomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:12
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlaba konyana ya Paseka, baprista ba fafatsa ka madi ao ba neng ba a newa ke Balevi, ha Balevi bona ba ntse ba buha tse hlabilweng.


Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare.


Jwale bara ba Arone ba tla di tjhesetsa hodima aletare, e leng hodima patsi e tukang. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona, mme o tla nyehela ka tsona, hammoho le nyehelo ya seno e tsamayang le tsona, di se na sepha.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ