Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:11 - BIBELE

11 Ba hlaba konyana ya Paseka, baprista ba fafatsa ka madi ao ba neng ba a newa ke Balevi, ha Balevi bona ba ntse ba buha tse hlabilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha hlajwa Paseka; baprista ba tsholla madi, mme Balevi ba nna ba buha dikonyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa baprista ba ne ba se bakae, hoo ba neng ba sitwa ho buha diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso; ka baka leo, bana babo bona, e leng Balevi, ba ba thusa ho fihlela mosebetsi o phethwa, le ho fihlela baprista ba bang ba itlhwekisitse, hobane Balevi ba ne ba tjhesehela ho itlhwekisa ho feta baprista.


Ba ema ditulong tsa bona ho ya ka tlwaelo ya bona, ho latela Molao wa Moshe, mohlanka wa Modimo. Baprista ba foka ka madi ao ba a neilweng ke Balevi.


Josiya a etsetsa Morena mokete wa Paseka, Jerusalema. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ba hlaba konyana ya Paseka.


Ba bea dinyehelo tsa setjheso kathoko, e le hore ba tle ba di abe ho ya ka dihlopha tsa malapa a setjhaba, le sona se tle se nyehelle Morena, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe. Ba etsa jwalo le ka dipohwana.


Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”


Baprista le Balevi ba itlhwekisa kaofela, mme bohle ba hlweka. Balevi ba hlaba konyana ya Paseka, ba e hlabela bohle ba neng ba thopilwe, le bana babo bona, e leng baprista, mme le bona ba itlhabela yona.


Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa.


Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ