Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:9 - BIBELE

9 Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba fihla ho Hilkia, moprista e moholo, ba newa ditjhelete tse neng di tlisitswe tlung ya Modimo, tseo Balevi, balebedi ba monyako, ba neng ba di amohetse ho Manasse le Efraime, le ho Baiseraele bohle ba bang, le ho Bajuda bohle le ho Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.


Maqosa a ya le metse yohle ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho ya fihla ho ba morabe wa Sebulone, empa batho ba a tsheha, ba a soma.


Le hoja batho ba bangata, ba neng ba etswa morabeng wa Efraime, le wa Manase, le wa Isakare, le wa Sebulone, ba ne ba sa itlhwekisa, le bona ba eja Paseka, ho fapana le kamoo ho ngotsweng kateng. Empa Hesekiya a ba rapella, a re: “Morena ya lokileng a ke a tshwarele e mong le e mong wa bona,


Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.


Tjhelete ena ba e nea basebetsi ba neng ba hlokomela Tempele ya Morena, mme bao ba e nea basebetsi ba neng ba lokisa le ho ntjhafatsa Tempele ya Morena.


Shafane eo e neng e le mongodi, a bolella kgosi, a re: “Moprista Hilekiya o nneile buka ena.” Yaba Shafane o e balla kgosi.


ya laela Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Abadone, mora wa Mmika, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:


Jwale Hilekiya le bao kgosi e ba kgethileng, ba ya ho Huleda, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Hasera, molebedi wa diaparo. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena ka taba ena.


Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ