Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:8 - BIBELE

8 Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Josiya, ha a se a hlwekisitse naha le Tempele, a roma Shafane, mora wa Asaleya, le Maasiya, mookamedi wa motse, le Jowa, mora wa Jowakase, e leng mongodi wa diketsahalo, ho lokisa Tempele ya Morena Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha hae, ha a se a hlwekisitse lefatshe le ntlo ya Jehova, a roma Shafane, mora Atsaila, le Maaseia, mmusi wa motse, le Jowa, mora Joakase mongodi, hore ba ye ho tsosa ntlo ya Jehova, Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Adorame yena ya eba molaodi wa makgoba. Jehoshafate, mora wa Ahilode, ya eba mongodi wa diketsahalo;


Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.


Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.


Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,


Bo-kgosi le Jehoyada ba ne ba ye ba e nee ba lokisang Tempele ya Morena, bao ba hire dibetli tsa majwe, le dibetli tsa mapolanka, ho lokisa Tempele ya Morena; ba hire le ba sebetsang ka tshepe, le ka lethose, ho thiba dikgeo tse Tempeleng ya Morena.


A bitsa baprista le Balevi, a re ho bona: “Tsamayang, le ye metseng ya Juda, mme le ntshise Baiseraele bohle tjhelete ya lekgetho ya selemo se seng le se seng, e tla lokisa Tempele ya Morena, mme taba ena le e potlakise.” Leha ho le jwalo, Balevi ba se ke ba e potlakisa.


Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia:


“Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.


Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re: ‘Bonang, ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; yena o tla ba bolaya moo le ntseng le bona.


‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: Kaha o ngoletse setjhaba sohle sa Jerusalema, wa ngolla le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, wa ngolla le baprista bohle, wa re:


Lengolo le ne le rometswe ka Elasa, mora wa Shafane, le Gemareya, mora wa Hilekiya, bao Sedekiya, kgosi ya Juda, a neng a ba romme ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Lengolo leo le ne le re:


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.


Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ