2 Dikronike 34:7 - BIBELE7 Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)7 a qhaqha dialetare, a pshatla diashera le ditshwantsho tse betlilweng, mme a di etsa phofo; hape, a heletsa ditshiya tsohle tsa letsatsi lefatsheng lohle la Iseraele; a ntoo kgutlela Jerusalema. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.
Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.