Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:5 - BIBELE

5 A tjhesetsa masapo a baprista hodima dialetare tsa bona, mme a hlwekisa Juda le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hape, a tjhesetsa masapo a baprista dialetareng tsa bona; a hlwekisa Juda le Jerusalema jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”


Eitse ha Josiya a reteleha, a bona mabitla mosikong wa thaba, mme a roma maqosa hore a yo epolla masapo ka mabitleng ao. Masapo ao a a tjhesetsa hodima aletare, a e silafatsa, ho ya ka lentswe la Morena, leo moporofeta wa Modimo a neng a ile a le bolela ha a phatlalatsa dintho tsena.


Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema.


Yaba Josiya o tlosa manyala wohle dinaheng tsohle tseo e neng e le tsa bana ba Iseraele. A etsa hore bohle ba fumanwang naheng ya Iseraele ba sebeletse Morena Modimo wa bona. Nakong yohle ya ho phela ha Josiya, ha ba a ka ba kgeloha, ba ile ba latela Morena Modimo wa bo-ntata bona.


Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema.


Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena.


Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?


“Wena ngwana motho, bolella naha ena, o re: ‘O naha e eso ka e nelwa ke pula, kapa mafafatsane nakong ena eo ke halefileng ka yona.’


“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ