Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:30 - BIBELE

30 Yaba kgosi e nyolohela Tempeleng ya Morena, e ena le banna bohle ba Juda, le baahi ba Jerusalema, le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa, kgosi ya ba balla mantswe wohle a buka ya selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Morena a nyolohela ka tlung ya Jehova, yena le batho bohle ba Juda, le baahi ba Jerusalema, le baprista, le Balevi, le setjhaba kaofela, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba banyenyane; a bala ditsebeng tsa bona dipolelo tsohle tsa buka ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:30
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o nyolohela Tempeleng ya Morena, a ena le banna bohle ba Juda, le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista, le baporofeta, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa a ba balla mantswe wohle a Buka ya Selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena.


Kgosi Josiya a laela setjhaba sohle, a re: “Etsang mokete wa Paseka ya Morena Modimo wa lona, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ena ya Selekane.”


Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”


Hilekiya a bua le Shafane, eo e neng e le mongodi, a re: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena!” Hilekiya a nea Shafane buka eo.


le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.


Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.


Ba hlomphehang le ba eisehang ba a lekana, kgoba le holotswe kgobeng ba monga lona.”


Jwale a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba moo se ntseng se utlwa, mme sona sa re: “Re tla phetha tsohle tse builweng ke Morena, re di hlomphe.”


Nna, Moruti, ke ne ke le kgosi ya Iseraele, motseng wa Jerusalema.


Ha setjhaba se kena, kgosana le yona e tla kena, ha se etswa, le yona e tswe.


Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ