3 Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng.
3 Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.
Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: ‘Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.’ ”
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.
“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.
Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.
Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.
“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!
Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo.
Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.
A tlosa medimo ya baditjhaba, le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bohata ka Tempeleng ya Morena. A heletsa le dialetare tsohle tseo a neng a di hahile thabeng eo Tempele ya Morena e neng e hahilwe ho yona, le Jerusalema; a di lahlela kantle ho motse.
empa a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a etsa. Ditshwantsho tsohle tse betlilweng, tseo Manase, ntatae, a neng a ile a di etsa, Amona a di etsetsa mahlabelo, mme a di sebeletsa.
Yaba Josiya o tlosa manyala wohle dinaheng tsohle tseo e neng e le tsa bana ba Iseraele. A etsa hore bohle ba fumanwang naheng ya Iseraele ba sebeletse Morena Modimo wa bona. Nakong yohle ya ho phela ha Josiya, ha ba a ka ba kgeloha, ba ile ba latela Morena Modimo wa bo-ntata bona.
Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”
Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.
Tsena tsohle di bakilwe ke dibe tsa Jakobo, di bakilwe ke dibe tsa ntlo ya Iseraele. Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang? Di bakilwe ke baahi ba Samaria. Ho kgumamela medingwana ho bakilwe ke mang Judea? ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.