Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:28 - BIBELE

28 Ka baka leo, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena le baahi ba sona.’ ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, mme o tla phuthelwa lebitleng la hao ka kgotso, mme mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona. Ba busetsa polelo eo ho morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:28
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.”


Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”


‘Ka baka leo he, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena.’ ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena.


Le hoja Hesekiya a ne a ikgohomosa jwalo, o ile a ikokobetsa, yena le baahi ba Jerusalema. Ka baka lena, mehleng ya Hesekiya Modimo a se ke a ba halefela.


Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena.


Kgosi ya roma maqosa ho e memela baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.


Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ