Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:12 - BIBELE

12 Banna bao ba etsa mosebetsi ka botshepehi. Ba ne ba okametswe ke Jahate le Obadiya, bao e neng e le Balevi ba bara ba Merari, le Sekariya le Meshulame, ba bara ba Kohate. Balevi ba neng ba ena le tsebo ya diletsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Batho bao ba nna ba sebetsa mosebetsi oo ka botshepehi. Balebedi ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, Balevi, ho bara ba Merari, le Sakaria le Meshullame, ho bara ba Bakehathe; Balevi bohle, ba neng ba tseba ho letsa diletsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Ebile ha ba a ka ba belaela ka batho bao tjhelete e neng e le matsohong a bona, hobane ba ne ba tshepahala.


Ka baka la botshepehi ba bona, ha ba a ka ba botswa letho mabapi le tjhelete eo ba e neilweng.


Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.


Ba tlisa dinyehelo, le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse abetsweng Morena, le dimpho tse halalelang. Tsena ba di tlisa ka botshepehi. Konaniya wa Molevi e ne e le yena modisa wa dintho tsena, mothusi wa hae e le Shimei, ngwanabo.


Yaba Jeshua le bara ba hae, le bana babo, le Kademiele le bara ba hae, e leng bara ba Juda, ba okamela basebetsi ba hahang Tempele ya Modimo. Ba ne ba thuswa ke bara ba Henadade, le bana babo bona, e leng Balevi.


Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata.


Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo, athe ya potlakelang ho rua, kotlo o tla e fumana.


Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate.


Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ