Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:9 - BIBELE

9 Manase a etsa hore ba setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba etse sebe, le hore ba etse bobe bo fetang ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:9
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”


A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.


Ka lebaka la Akase, kgosi ya Iseraele, Morena a kokobetsa setjhaba sa Juda, hobane Akase a ile a totisa bokgopo naheng ya Juda, mme a se ke a tshepahala ho Morena.


Morena a bua ho Manase le ho setjhaba sa hae, empa ba se ke ba mo mamela.


A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


Haeba Baiseraele ba hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka molao wohle, le ditaelo tsohle, le melawana yohle, tseo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng tsona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Wena Jerusalema, o mphetohetse ho feta ditjhaba tse o potapotileng, ha o a tsamaya ka melao ya ka, ha o a boloka ditaelo tsa ka, ha o a ya le ka melao ya ditjhaba tse o potapotileng.”


“ ‘Le se ke la itshilafatsa ka dintho tsena tsohle, hobane ke ka tsona ditjhaba tseo ke di lelekileng kapele ho lona di ileng tsa itshilafatsa.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Baamone e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa batho ba balelele, jwaloka Baanake, empa Morena o ile a fiela Baanake kapele ho Baamone, mme Baamone ba nka naha ya bona, ba aha ho yona.


“ ‘Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ