Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:8 - BIBELE

8 Haeba Baiseraele ba hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka molao wohle, le ditaelo tsohle, le melawana yohle, tseo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng tsona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 nke ke ka hlola ke tlosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka boloka le ho etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ka molao wohle, le dikomelo, le ditaelo tse beilweng ke Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Baiseraele sebaka, ke se bee ho sona, e le hore se tle se phele sebakeng seo e leng sa sona, se se ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,


Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka, ke se bee ho sona, mme se ke ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,


Manase a etsa hore ba setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba etse sebe, le hore ba etse bobe bo fetang ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.


ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.


hape le rute bana ba Iseraele melao yohle eo Morena a ba boleletseng yona ka molomo wa Moshe.”


Arone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe.


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


“ ‘Ho rohakehe ya sa phethahatseng dipallo tsa molao ona ka ho di etsa!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’ ”


Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.”


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.


Empa wena o eme mona pela ka, mme ke tla o bolella melao yohle, le ditaelo, le ditemoso, tseo o tla se ruta tsona, e le hore se tle se di phethe, naheng eo ke se neang yona, hore e be ya sona.’


“Melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le hlokomele hore le e phethe, le tle le phele, le ngatafale, le kene naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona, mme e be ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ