2 Dikronike 33:4 - BIBELE4 A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema kamehla yohle.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 A haha dialetare le ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse, ka ho re: Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle.
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.