2 Dikronike 33:3 - BIBELE3 A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa bo-Baale; a etsa ditshwantsho tsa Ashera, a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)3 A boela a tsosa dinqalo tse diphahameng tse neng di qhaqhilwe ke Esekiase ntatae; a hahela boBaale dialetare, a etsa le diashera; a kgumamela makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.
Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.
Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.
Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.