Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.
Jwale ba tsoma Akasiya ya neng a ipatile Samaria. Ba mo tshwara, ba mo isa ho Jehu. Hoba ba mmolaye, ba mo epela, hobane ba ne ba re: “Ke mora wa Jehoshafate ya neng a sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle.” Ka baka leo, ha se ke ha hlola ho eba le ya mong wa lelapa la Akasiya ya neng a ka busa.
Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa.