Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:19 - BIBELE

19 Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ba bang ba morabe wa Ashere, le wa Manase, le wa Sebulone, ba ikokobetsa, ba ya Jerusalema.


Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.


A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena.


Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.


Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.


Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala.


O heletse dialetare tsa bona, o thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, o senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”


Ha ba eso ikokobetse ho fihlela le kajeno; le ho tshaba ha ba eso ka ba tshaba, leha e le ho ya ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, ka di beela le bo-ntata lona.


Wa utlwa lentswe la ka ha ke ne ke re: “Se thibe tsebe ya hao ha ke fehelwa, ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”


“Le wena Beleshasare, mora wa hae, ha o a ka wa ikokobetsa, le hoja o tsebile tsena tsohle.


Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ka tlung ya Juda o batle monna ya bitswang Saule wa Tarasuse. Bona, o a rapela,


Hape mpho eo ha e tshwane le sebe sa motho eo a le mong, Adama, hobane kahlolo e latetseng sebe seo se le seng e bile kotlo, athe mpho ya mohau e latetseng ditshito tse ngata e bile tokafatso.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ