Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:14 - BIBELE

14 Kamora tsena Manase a haha lerako le potapotang Motse wa Davida kantle, a le haha ka kgohlong, ka bophirimela ho Gihone, la ya fihla Kgorong ya Ditlhapi, la teela Ofele hare, la phahama haholo. Metseng yohle e haheleditsweng ya naha ya Juda a bea balaodi ba mabotho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kamora tseo, a haha lerako le tsamayang kantle, ka nqa botjhabela ho motse wa Davida, ho leba Gihone, Kgohlong, le ho ya fihla monyakong wa Dihlapi; a teela Ofele hare, a e phahamisetsa hodimo haholo; mme a bea balaodi ba makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone.


Hoba bo-moprista Sadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsetse Gihone, ba nyoloha ka ditlatse, mme motse wohle wa di amohela. Ke lona lerata leo le le utlwang.


Banna bana bohle ba ne ba sebeletsa kgosi, ntle ho bao kgosi e neng e ba beile metseng e haheleditsweng e neng e le naheng yohle ya Juda.


Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo.


Hesekiya a kgelosa metsi a tswang mohloding wa Gihone kahodimo, a a lebisa tlase, ka bophirimela ho Motse wa Davida, mme a atleha mesebetsing ya hae yohle.


Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.


le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.


Bara ba Hasena bona ba haha Monyako wa Ditlhapi, ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.


Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “mokgosi o tla utlwahala Monyakong wa Ditlhapi, seboko se utlwahale se etswa motsemotjha, le modumo o moholo o utlwahale maralleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ