Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:9 - BIBELE

9 Kamora tsena, ha Saneheribe, kgosi ya Asiria, a ntse a etseditse Lakishe thibella ka mabotho wohle a hae, a romela bahlanka ba hae Jerusalema ho Hesekiya, kgosi ya Juda, le ho setjhaba sohle sa Juda se neng se le Jerusalema, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Kamora tseo, Sankeribe, morena wa Assiria, a re a sa thibeletse Lakishe a ena le makgotla a hae wohle, a romela bahlanka ba hae Jerusalema, ho Esekiase morena wa Juda le ho Bajuda bohle ba Jerusalema, ba re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:9
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


“Saneheribe, kgosi ya Asiria, o bua tjena: ‘Le tshepileng, ha e le moo re le etseditse thibella Jerusalema?


Jwale kgosi ya Asiria ya romela molaodi wa yona e moholo wa ntwa, le lebotho le leholo le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya a le Jerusalema. Eitse ha molaodi wa ntwa a fihla a emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pele mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela,


Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.


Lona baahi ba Lakishe panang dipere, le pane dipere kariking tsa ntwa; ke lona ba baketseng Moradi wa Sione sebe, tshito tsa Iseraele di fumanwe ho lona.


Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lebena, a ya Lakishe, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.


le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ