Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:33 - BIBELE

33 Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Esekiase a orohela ho bontatae, mme a patwa lebitleng le kahodimo la bana ba Davida, mme Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha ho shweng ha hae; mme Manasse, mora wa hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:33
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho seng jwalo, etlare ha monga ka, kgosi ya ka, a se a shwele, ebe ho thwe rona le mora wa ka Solomone, re mahlabaphiyo!”


Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Jwale Hesekiya a shwa, mme Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.


A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.


Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa ho sebeletsa Modimo, di ngotswe Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Esaya, mora wa Amose, le Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela.


A ke ke a sisinngwa le ka mohla, ya lokileng o tla nne a hopolwe, a hopolwe kamehla yohle.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, malapa wohle a Iseraele a llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo.


Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Samuele a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, ba mo epela motseng wa habo wa Rama. Kamora moo Davida a tsamaya, a theohela lehwatateng la Parane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ