Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:32 - BIBELE

32 Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa ho sebeletsa Modimo, di ngotswe Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Esaya, mora wa Amose, le Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:32
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Diketso tse ding tsa Amasiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Usiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe ke moporofeta Esaya, mora wa Amose.


Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.


Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.


Diketso tse ding tsa Josiya le tsa borapedi ba hae, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng Molaong wa Morena;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ