Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:28 - BIBELE

28 A haha le matlo ao ho bolokwang dijo ho wona, ha tjhai e le ngata, le ao ho bolokwang veine e ntjha ho wona, le ole; a haha le masaka a mefuta yohle ya diphoofolo, le masaka a mehlape ya dikgutshwane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 A iketsetsa le mediko ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, le dijelo tsa diphoofolo tsa mefuta yohle, le masaka a mehlape ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:28
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Isakare ke tonki e matla, o bothile pakeng tsa masaka.


“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.


Hesekiya o ne a ruile haholo, mme a tlotleha haholo. A haha matlo ao ka ho wona ho bolokwang silefera, le kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le dinoko, le dithebe, le dintho tsohle tseo motho a ka lakatsang ho ba le tsona.


A ikgahela metse, a ba le mehlape e mengata ya dikgutshwane, le ya dikgomo, hobane Modimo o ne a mo file maruo a mangata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ