Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:27 - BIBELE

27 Hesekiya o ne a ruile haholo, mme a tlotleha haholo. A haha matlo ao ka ho wona ho bolokwang silefera, le kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le dinoko, le dithebe, le dintho tsohle tseo motho a ka lakatsang ho ba le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.


A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.


ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”


Ka baka leo, Morena a tsitsisa mmuso wa hae. Bohle ba setjhaba sa Juda ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, mme a rua haholo, a tlotleha.


Le hoja Hesekiya a ne a ikgohomosa jwalo, o ile a ikokobetsa, yena le baahi ba Jerusalema. Ka baka lena, mehleng ya Hesekiya Modimo a se ke a ba halefela.


A haha le matlo ao ho bolokwang dijo ho wona, ha tjhai e le ngata, le ao ho bolokwang veine e ntjha ho wona, le ole; a haha le masaka a mefuta yohle ya diphoofolo, le masaka a mehlape ya dikgutshwane.


Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse diphuleng.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ