2 Dikronike 32:25 - BIBELE25 Empa Hesekiya a se ke a leboha seo a se etseditsweng, hobane o ne a ikgohomosa. Ka baka lena, kgalefo ya Modimo ya tlokomela yena le setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)25 Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.
Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.