Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:23 - BIBELE

23 Batho ba bangata ba tlisetsa Morena dimpho Jerusalema; ba tlisetsa le Hesekiya kgosi ya Juda dimpho tsa bohlokwa. Ho tloha mohlang oo, Hesekiya a tlotleha mahlong a ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba bangata ba tlisa nyehelo ho Jehova, Jerusalema, le dintho tsa bohlokwa ho Esekiase, morena wa Juda, kamoo a neng a sa tswa hodiswa mahlong a ditjhaba kaofela kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa dinoko tse ngata ho feta tsena tseo mofumahadi wa Sheba a ileng a di fa kgosi Solomone.


Motho ka mong o ne a mo tlisetsa mpho ya hae: dintho tse entsweng ka silefera le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.


Solomone a busa mebuso yohle, ho tloha nokeng ya Euferatese, ho ya fihla naheng ya Bafilesita, le meeding ya Egepeta. Mebuso ena yohle ya mo tlisetsa dimpho, ya mo sebeletsa ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,


Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.


Ka baka leo, Morena a tsitsisa mmuso wa hae. Bohle ba setjhaba sa Juda ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, mme a rua haholo, a tlotleha.


Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


Oho, Modimo, bontsha matla a hao, ao o re sebeleditseng ka wona.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


Kgalefo ya batho e tla o fetohela thoriso, ba phonyohileng kgalefo ya hao ba tla o etsetsa mekete.


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ