Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:20 - BIBELE

20 Ka baka la taba ena, kgosi Hesekiya le moporofeta Esaya, mora wa Amose, ba rapela, mme ba ipiletsa ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:20
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena.


Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta.


Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha.


Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”


Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.


Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ