Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:13 - BIBELE

13 “ ‘Na ha le tsebe seo nna le bo-ntate re ileng ra se etsa ho ditjhaba tsohle tsa dinaha tse ding? Na medimo ya ditjhaba tseo e ile ya tseba ho di namolela matsohong a ka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hleka ha le tsebe se entsweng ke rona le bontate, ho ditjhaba tsohle tsa mafatshe a mang? Na medimo ya ditjhaba tsa mafatshe ao e tsebile ho namolela dinaha tsa tsona matsohong a ka na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka?


Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.


Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.”


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ