Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:11 - BIBELE

11 Na ha le bone hore Hesekiya o a le thetsa, hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora, ha a ntse a re: “Morena Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a kgosi ya Asiria?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Na Esekiase ha a le thetse, hore a le neele ho shwa ke tlala le ke lenyora, ha a re: Jehova, Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a morena wa Assiria?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”


Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’


“Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.


“Saneheribe, kgosi ya Asiria, o bua tjena: ‘Le tshepileng, ha e le moo re le etseditse thibella Jerusalema?


Na hase yena Hesekiya ya fedisitseng dibaka tsa Modimo tsa borapedi, le dialetare tsa hae, mme a ba a laela setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, a re: “Le rapelle kapele ho aletare e le nngwe, mme le tjhesetse mokubetso hodima yona?”


Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!’ ”


Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:


Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,


Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?


ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”


Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”


“ ‘Le se ke la kgeloswa ke Hesekiya ha a re: “Morena o tla re namolela.” Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria?


O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: ‘Nna ke Mora wa Modimo!’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ