Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:1 - BIBELE

1 Kamora tsohle tseo Hesekiya a ileng a di etsa ka botshepehi, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a fihla, a futuhela naha ya Juda. A etsetsa metse e haheleditsweng ya Juda thibella, a hopotse ho ikgapela yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora taba tseo, le kamora diketso tseo tsa bokgabane, ha fihla Sankeribe, morena wa Assiria; a kena naheng ya Juda, mme a thibella metse ya diqhobosheane, a re, o tla e kena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Kgosi ya Asiria ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria. Ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane; ya ba bea le metseng ya Bamede.


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”


Ha Hesekiya a bona hore Saneheribe o se a le teng, mme o morerong wa ho futuhela Jerusalema,


Kamora tsena tsohle, ha Josiya a se a lokisitse Tempele, Neko, kgosi ya Egepeta, a futuhela Karakemishe, haufi le Euferatese; yaba Josiya o a mo kgaoletsa.


Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema.


Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda e neng e haheleditswe, mme a e hapa.


Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.


“Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ