Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:20 - BIBELE

20 Hesekiya o ile a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a etsa se molemo, le se lokileng, le seo e leng nnete kapele ho Morena Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Esekiase a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a nna a etsa ho leng molemo le ho loka le nnete pela Jehova, Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.


Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.


Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.


Abiya a shwa mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng ya hae naha ya eba le kgotso ka dilemo tse leshome.


Ka mohau terone e tla tsitsiswa, ya tla e dula a e dule ka botshepehi, e leng e mong wa leloko la Davida, ya tla ahlola ka toka, a thahaselle ho loka.


ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho.


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ