2 Dikronike 31:2 - BIBELE2 Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)2 Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.
Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.
Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.