Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:17 - BIBELE

17 Lenane la leloko la baprista le ne le hlophisitswe ho ya kamoo malapa abo bona a ngodisitsweng kateng bukeng ya lenane la leloko. Balevi bona, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, ba ne ba hlophisitswe ho ya ka mesebetsi ya bona le dihlopha tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 le baprista, ba ngodilweng ka matlo a bontata bona moholo, le Balevi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, ka dikabelo tsa bona le ka dihlopha tsa bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Ka taelo ya ho qetela ya Davida, ha balwa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Bara ba bang ba Levi e ne e le bana: Shubaele e ne e le e mong wa bara ba Amorame; Jehedeya e le e mong wa bara ba Shubaele.


Ha hlophiswa le lenane la masea a bona, le la basadi ba bona, le la bara ba bona, le la baradi ba bona setjhabeng sohle, ho ya ka buka ya leloko la bona. Ka baka la boemo ba bona, baprista ba ne ba itlhwekisa ka botshepehi, ha ba ilo sebetsa ka dintho tse halalelang.


Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.


Bana bohle ke bona ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba hloka bopaki ba hore malapa abo bona le ditloholo tsa bona ke Baiseraele.


“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”


Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


Jwale ha balwa bara ba Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;


Yaba ho balwa ba malapa a bara ba Merari ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;


Balevi bohle ba balwa ke bo-Moshe, le Arone, le mahosana a Baiseraele le a Balevi; ba ba bala ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;


“Ona ke molao ho Balevi: Ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ho ya hodimo, Balevi ba tla kena lenaneng la ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ