Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:15 - BIBELE

15 Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Katlase ho yena, metseng ya baprista ho ne ho na le Edene, le Minjamine, Joshua, Shemaia, Amaria, le Shekania, ba neilwe kabelo ya botshepehi ya ho abela banababo bona, ka ho ya ka dihlopha tsa bona, e moholo le e monyenyane,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:15
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.


Batjha le maqheku, baruti le barutuwa, ba abelwa mosebetsi ka lotho, ka ho tshwana.


Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.


Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone,


Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.


Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ