Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:14 - BIBELE

14 Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Ashere: Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, le kgaitsedi ya bona Sera. Bara ba Beria: Hebere le Malekiele.


Dihlopha tsena tsa balebedi ba menyako, di le tlasa baokamedi ba tsona, di ne di abetswe ho sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, sehlopha ka seng se sebeletsa jwaloka tse ding.


Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka botjhabela la ntsha Shelemiya. Mora wa hae Sekariya, eo e neng e le moeletsi ya bohlale, le yena a etsetswa lotho, mme la mo ntshetsa ho lebela monyako o ka leboya.


Ka letsatsi le leng le le leng, Balevi ba tsheletseng ba ne ba lebela ka botjhabela, ba bane ba lebela ka leboya, ba bane ba lebela ka borwa, mme tlung ya polokelo ba lebela ka bobedi, ba suthelana.


Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.


Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya.


Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.’ ”


Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.


O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.


Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona.


Morena, amohela diteboho tse tswang molomong wa ka, o nthute dikahlolo tsa hao.


Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena.


“Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: ‘Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso,


Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.


“ ‘Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena.


“ ‘Dinyehelo tsena le tla nyehella Morena ka tsona mohla mekete ya lona e beilweng, e le tse eketsang dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le tsa dijo, le tsa seno, le tsa teboho.’ ”


Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang.


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


Jwale le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete wa dibeke; le fane ka nyehelo ya boithaopo ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ