Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:13 - BIBELE

13 Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 boJehiele, Asaria, Nahathe, Asaele, Jerimothe, Josabade, Eliele, Jismakia, Mahathe, le Benaia ba bewa bahlahlobi tsamaisong ya Konania le Shimei ngwanabo, ka taelo ya morena Esekiase le ka ya Asaria, motsamaisi wa ntlo ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho kgethwa baprista ba Sehalalelo le baprista ba Tempele ya Modimo hara ditloholo tsa Eleasare le Itamare, ba arolwa ka lotho, ho se leeme.


le Asariya, mora wa Hilekiya, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Meshulame, le Sadoke, le Meraote, le Ahitube, eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo,


Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone,


Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.


Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena.


Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.


le Seraya, mora wa Hilekiya, Hilekiya ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ka Meraote, Meraote ya tswetsweng ke Ahitube, Ahitube eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ