Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:12 - BIBELE

12 Ba tlisa dinyehelo, le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse abetsweng Morena, le dimpho tse halalelang. Tsena ba di tlisa ka botshepehi. Konaniya wa Molevi e ne e le yena modisa wa dintho tsena, mothusi wa hae e le Shimei, ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ha tliswa teng ka mokgwa o sa belaetseng kabelo e ntshitsweng, le karolo ya leshome, le dintho tse kgethehileng. Konania, Molevi a bewa modisa wa tsona, wa bobedi e le Shimei ngwanabo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:12
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile ha ba a ka ba belaela ka batho bao tjhelete e neng e le matsohong a bona, hobane ba ne ba tshepahala.


Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.


Le bara ba Arone, bao e neng e le baprista, ba neng ba phela makgulong a haufi le metse ya bona, le metseng yohle, ba abelwa dijo ke banna ba neng ba thontswe ka mabitso ho abela bohle ba batona hara baprista, le bohle ba Balevi ba neng ba ngotswe bukeng ya leloko.


Le bo-Konaniya, mmoho le bana babo, bo-Shemaya le Netanele, le dihlooho tsa Balevi, e leng Hashabiya, le Jeiele, le Josabada, ba nea Balevi dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse hlano, le dipohwana tse makgolo a tse mahlano.


Bana ba Iseraele, le bana ba Levi, ba tla tlisa nyehelo ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, ka dikamoreng tseo ho bolokelwang thepa ya Sehalalelo ka ho tsona, e leng moo baprista ba sebeletsang teng, le balebedi ba menyako, le dibini, ba dulang teng. “Ha e le rona, re ke ke ra furalla Tempele ya Modimo wa rona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ