Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:10 - BIBELE

10 Yaba Asariya, Moprista e Moholo, wa lelapa la Sadoke, o a mo araba, o re: “Haesale ho tloha mohla setjhaba se tlisang dinyehelo ka Tempeleng ya Morena, re ile ra ja, ra ba ra di sheba feela, mme re sa saletswe ke tse ngata, hobane Morena o hlohonolofaditse setjhaba sa hae, mme dijo tse setseng ke qubuhadi ena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:10
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,


Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.


Ho tloha ka nako eo monga hae a neng a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le wa tsohle tseo a nang le tsona, Morena a hlohonolofatsa lelapa la Moegepeta eo, ka baka la Josefa; mahlohonolo a Morena a ba hodima tsohle tseo a nang le tsona, lapeng le masimong.


Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.


Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao.


Asariya a tswala Seraya, Seraya a tswala Jehosadaka.


Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase,


Ahimase a tswala Asariya, Asariya a tswala Johanane;


Moprista Asariya a kena a mo setse morao, a ena le baprista ba Morena ba mashome a robedi, bao e neng e le bahale.


Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena.


Hesekiya a botsa baprista le Balevi ka diqubu tsena.


Tse ntshitsweng di ne di lekane ho etsa mosebetsi wa Sehalalelo, di be di sale.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


E mong o fana haholo, leruo le mo atele, e mong e be lekgonatha, bofuma bo mo aparele.


Disiu tsa hao di tla sasamatswa ke tjhai, merifi ya hao e kgaphatsehe veine.


Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.


“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.


Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.


ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo.


‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”


Bohle ba eja, ba kgora, mme ha ba bokella makumane a setseng ba tlatsa diroto tse supileng tse kgolo.


“Morena o tla hlohonolofatsa disiu tsa hao, le tsohle tseo o di etsang; a o hlohonolofatse naheng eo Morena Modimo wa hao a o neang yona.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ