Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:8 - BIBELE

8 Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:8
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.


Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.


Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.”


ba re ho bona: “Le ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!”


Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.


Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.


‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse, hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona ho wona, mme ha ke eso kgethe motho hore e be mmusi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.


Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.”


Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona.


Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi.


leoto la hao le tla hata mading a bona, dintja tsa hao di itjelle nama tsa dira.”


Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong, Sehalalelong sa Modimo, mme ke utlwisisa seo qetello ya ba kgopo e tla ba sona.


A ba futuhela ka kgalefo e tukang, ka bohale, le makwebeta, le ka matshwenyeho; a ba romela mangeloi a timetsang.


Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga.


Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


Athe ho Baiseraele o itse: “Ke qetile tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka setjhabeng se sa mameleng, se hanyetsang.”


Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga.


“O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae.


Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.


Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”


“Ke ka lebaka leo ba emeng kapele ho terone ya Modimo, mme ba mo sebeletsa motsheare le bosiu ka tempeleng ya hae. Ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa leahong la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ