Ba ne ba ke ke ba etsa mokete ona ka nako ya teng, hobane baprista ba ne ba eso itlhwekise ka mokgwa o phethahetseng, mme le setjhaba se ne se eso phuthehele Jerusalema.
Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe.