Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:23 - BIBELE

23 Setjhaba sohle sa dumellana hore se boele se keteke ka matsatsi a supileng, mme sa boela sa keteka ka thabo, ka matsatsi a mang a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Phutheho yohle ya rera morero wa ho etsa mokete ka ditshiu tse ding tse supileng; mme ba o etsa ka tshiu tseo tse supileng ka thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:23
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.


Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.


Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape.


Setjhaba sohle sa batho ba neng ba etswa bothopuweng sa iketsetsa maphephe, sa dula ho wona. Ho tloha mehleng ya Joshua, mora wa Nune, ho fihlela ka letsatsi leo, bana ba Iseraele ba ne ba eso ka ba etsa jwalo, mme ba thaba haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ