Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:21 - BIBELE

21 Bana ba Iseraele, ba neng ba le teng Jerusalema, ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ka thabo e kgolo. Balevi le baprista bona ba nna ba rorisa Morena ka tsatsi le leng le le leng, ba mminela ka tjheseho e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:21
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Jehoshafate a rerisane le setjhaba, a kgethela Morena dibini tse neng di tla rorisa Morena di kgabile ka tse halalelang, ha di ntse di eteletsa lebotho pele. Di ne di bina, di re: “Rorisang Morena, hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.


Leha ho le jwalo, ba bang ba morabe wa Ashere, le wa Manase, le wa Sebulone, ba ikokobetsa, ba ya Jerusalema.


Thabo ya eba kgolo Jerusalema, hobane haesale ho tloha mehleng ya Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tshwanang le ena, Jerusalema.


Ka yona nako eo, bana ba Iseraele ba neng ba le teng, ba etsa mokete wa Paseka le mokete wa mahobe a sa lomoswang, ka matsatsi a supileng.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”


Setjhaba sohle sa batho ba neng ba etswa bothopuweng sa iketsetsa maphephe, sa dula ho wona. Ho tloha mehleng ya Joshua, mora wa Nune, ho fihlela ka letsatsi leo, bana ba Iseraele ba ne ba eso ka ba etsa jwalo, mme ba thaba haholo.


“ ‘Ka matsatsi a supileng le tla ja bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla tlosa ditomoso matlung a lona, hobane motho ya tla ja bohobe bo lomositsweng, ka matsatsi ana a supileng, o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele.


Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.


Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe.


Mokete wa bohobe bo sa lomoswang, o bitswang Paseka, o ne o atametse.


Jwale ha fihla letsatsi la bohobe bo sa lomoswang, leo konyana ya Paseka e neng eka kgona e hlajwe ka lona.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.


Le thabe moketeng ona wa lona: Lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba ahileng kahara metse ya lona.


Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ