2 Dikronike 30:14 - BIBELE14 Batho ba tlosa dialetare Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsohle tsa mokubetso, ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ba tloha, ba tlosa dialetare tsa mahlabelo tse Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsa dibano, mme ba di lahlela molatswaneng wa Kedrone. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng.
A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.