2 Dikronike 30:10 - BIBELE10 Maqosa a ya le metse yohle ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho ya fihla ho ba morabe wa Sebulone, empa batho ba a tsheha, ba a soma. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Dititimi tsa ya le metse naheng ya Efraime le Manasse, ho ya fihla Sabulone; empa ha nna ha tshehwa le ho songwa ka tsona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.
Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.
Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.